18. Bara ba Nowe, ba ileng ba tswa ka arekeng, e ne e le Sema le Kama le Jafeta. Kama ke ntata Kanana.
19. Ba bararo bana e ne e le bara ba Nowe, mme batho bohle ba lefatsheng ba tswetswe ke bona.
20. Nowe e ne e le molemi; ya eba yena wa ho qala ho lema morara.
21. A nwa veine, a tahwa, a robala ka tenteng a sa tena.
22. Kama, ntata Kanana, ha a bona bofeela ba ntatae, a ya bolella bana babo ba babedi ba le kantle.
23. Sema le Jafeta ba nka kobo, ba e akgela mahetleng a bona, ba tsamaya kasanthao, ba fihla ba kwahela bofeela ba ntata bona. Kaha ba ne ba furaletse, ha ba a ka ba bona bofeela ba ntata bona.
24. Nowe, ha a se a hlaphohetswe, a tseba seo mora wa hae e monyenyane a ileng a se etsa ho yena.