Tshimoloho 6:5-15 BIBELE (SSO89SO)

5. Jwale Morena a bona hore bokgopo ba batho lefatsheng bo boholo haholo, le hore mehopolo ya dipelo tsa bona e tletse bobe kamehla.

6. Morena a swaba ha a ile a etsa motho lefatsheng, pelo ya hae ya utlwa bohloko.

7. Yaba Morena o re: “Batho bao ke ba bopileng ke tla ba fedisa lefatsheng; batho, mmoho le diphoofolo, le dihahabi, le dinonyana tse fofang, hobane ke a itshwabela ha ke ile ka ba etsa.”

8. Empa Nowe yena a hauhelwa ke Morena.

9. Tsena ke ditaba tsa Nowe. Nowe e ne e le motho ya lokileng, ya neng a hloka kodi hara ba mehla eo, mme metsamao ya hae ya kgahla Modimo.

10. A tswala bara ba bararo: Sema, le Kama, le Jafeta.

11. Mahlong a Modimo lefatshe le ne le bodile, le tletse dipolayano.

12. Modimo a bona hore lefatshe le bodile, batho bohle ba itshilafaditse.

13. Jwale Modimo a re ho Nowe: “Ke rerile ho fedisa tsohle tse phelang lefatsheng, hobane lefatshe le tletse dipolayano ka baka la batho; ke tla ba timetsa mmoho le lefatshe.

14. “Iketsetse areka ka difate tsa phaena, o e etse dikamore, mme o e bitiele ka boka kantle le kahare.

15. O tla e haha tjena: bolelele ba areka e be dimethara tse lekgolo le mashome a mararo a metso e meraro, bophara ba yona e be dimethara tse mashome a mabedi a metso e mmedi, mme bophahamo ba yona e be dimethara tse leshome le metso e meraro.

Tshimoloho 6