Tshimoloho 6:10-16 BIBELE (SSO89SO)

10. A tswala bara ba bararo: Sema, le Kama, le Jafeta.

11. Mahlong a Modimo lefatshe le ne le bodile, le tletse dipolayano.

12. Modimo a bona hore lefatshe le bodile, batho bohle ba itshilafaditse.

13. Jwale Modimo a re ho Nowe: “Ke rerile ho fedisa tsohle tse phelang lefatsheng, hobane lefatshe le tletse dipolayano ka baka la batho; ke tla ba timetsa mmoho le lefatshe.

14. “Iketsetse areka ka difate tsa phaena, o e etse dikamore, mme o e bitiele ka boka kantle le kahare.

15. O tla e haha tjena: bolelele ba areka e be dimethara tse lekgolo le mashome a mararo a metso e meraro, bophara ba yona e be dimethara tse mashome a mabedi a metso e mmedi, mme bophahamo ba yona e be dimethara tse leshome le metso e meraro.

16. Areka eo o e etsetse fesetere e tla kenya lesedi, mme pakeng tsa yona le marulelo e be bolelele ba disenthimethara tse mashome a mane a metso e mene; monyako wa areka o etswe lehlakoreng la yona. Ho be le dikamore tse katlase, tse hare, le tse kahodimo.

Tshimoloho 6