27. “Benjamine ke phiri e harolakang,hoseng e kgetshela tse bolailweng,mantsiboya e arola kgapo ya yona.”
28. Bana bohle ke meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele, mme sena ke seo ntata bona a se buileng ho bona ha a ba hlohonolofatsa; e mong le e mong a hlohonolofatswa ka mahlohonolo a mo tshwanelang.
29. Jwale Jakobo a ba laela, a re ho bona: “Ke lekgatheng la ho orohela ho bang ka nna; le tle le nkepele pela bontate, lehaheng le tshimong ya Eferone wa Mohete;