2. Yaba o nka ba bahlano ba bana babo, a ba bea kapele ho Faro.
3. Faro a re ho bana bao babo: “Mosebetsi wa lona ke ofe?”Ba araba Faro, ba re: “Bahlanka ba hao ke badisa ba mehlape ya dinku, jwaloka bo-ntata bona.”
4. Ba boela ba re ho Faro: “Re tlile ho tla jaka naheng ena, hobane mehlape ya bahlanka ba hao ha e na makgulo, kaha tlala e kgolo naheng ya Kanana. Ka hona re a o kopa: O ke o dumelle bahlanka ba hao ho aha seterekeng sa Goshene.”
5. Faro a bua le Josefa, a re: “Ntatao le bana beno ba tlile ho wena.
6. Naha ya Egepeta ke ena kapele ho wena. Bea ntatao le bana beno moo naha e leng ntle, ba ahe seterekeng sa Goshene. Haeba o tseba hore ho na le banna ba tshepahalang hara bona, o ba etse badisa ba mehlape ya ka.”
7. Yaba Josefa o tlisa ntatae Jakobo, o mo emisa kapele ho Faro, mme Jakobo a hlohonolofatsa Faro.
8. Jwale Faro a re ho Jakobo: “Dilemo tsa hao di kae?”
9. Jakobo a re ho Faro: “Dilemo tsa bojaki ba ka mona lefatsheng ke lekgolo le mashome a mararo. Dilemo tsa bophelo ba ka di bile kgutshwanyane, tsa eba thata, mme ha di a fihla dilemong tseo bo-ntate ba di phetseng.”
10. Yaba Jakobo o hlohonolofatsa Faro, mme a tloha ho yena.
11. Josefa a bea ntatae le bana babo, a ba kgethela sebaka sa bodulo naheng ya Egepeta, moo naha e leng ntle, seterekeng sa Ramesese, jwalokaha Faro a ne a laetse.
12. Josefa a fepa ntatae, le bana babo, le lelapa lohle la ntatae, ho ya ka palo ya baphedisuwa.
13. Ho ne ho se dijo lefatsheng lohle, hobane tlala e ne e le ya bojadikata, mme naha ya Egepeta le ya Kanana tsa ba tsa fellwa ke dijo ka baka la tlala.
14. Josefa a bokella tjhelete yohle e neng e fumanwa naheng ya Egepeta le ya Kanana ha ho ntse ho rekiswa koro, mme a e isa tlung ya Faro.
15. Yare ha tjhelete e fela naheng ya Egepeta le ya Kanana, Baegepeta bohle ba tla ho Josefa, ba re: “Re fe dijo! O re re shwe o ntse o re tadimile, hobane feela re feletswe ke tjhelete?”
16. Josefa a araba, a re: “Tlisang diphoofolo tsa lona; ke tla le ananyetsa dijo ka diphoofolo tsa lona, haeba tjhelete e fedile.”