16. Josefa a araba, a re: “Tlisang diphoofolo tsa lona; ke tla le ananyetsa dijo ka diphoofolo tsa lona, haeba tjhelete e fedile.”
17. Ba tlisa diphoofolo tsa bona ho Josefa, mme Josefa a ba ananyetsa dijo ka dipere, le dinku, le dikgomo, le ditonki. Selemong seo a ba ananyetsa dijo ka diphoofolo tsa bona tsohle.
18. Ha selemo seo se fedile, ba tla ho yena ka selemo sa bobedi, ba re: “Ha re ka ke ra patela morena wa rona hore tjhelete e fedile, le leruo la diphoofolo le feletse ho morena ka. Ha re a sallwa ke letho leo morena ka a ka le bonang, haese mmele ya rona le masimo a rona.
19. Re ka shwela mahlong a hao ka baka lefe, rona le masimo a rona? Re rekelle le masimo a rona ka dijo, hore rona le masimo a rona re be makgoba a Faro. Re fe peo re tle re phele, re se ke ra shwa, le hore masimo a se ke a lala.”
20. Yaba Josefa o rekela Faro naha yohle ya Egepeta, hobane Moegepeta e mong le e mong o ile a rekisa tshimo ya hae, kaha tlala e ne e ba imetse, mme naha ya eba ya Faro.