23. Mora wa Dane ke Hushime.
24. Bara ba Nafthali ke Jaheseele, le Guni, le Jesere, le Shileme.
25. Bana ke bara ba Bileha, eo Labane a neng a mo nee moradi wa hae Ragele. Bileha a tswalla Jakobo bana. Kaofela ha bona ke batho ba supileng.
26. Batho hohle ba ileng ba ya Egepeta le Jakobo, ba leloko la hae, ho sa balwe basadi ba bara ba hae, e bile batho ba mashome a tsheletseng le metso e tsheletseng.
27. Bara ba Josefa, ba tswaletsweng Egepeta, ba ne ba le babedi; ba lelapa la Jakobo ba ileng ba tla Egepeta e bile batho ba mashome a supileng.
28. Jakobo a roma Juda ho mo etella pele, ho ya tsebisa Josefa hore a ye Goshene, mme ba fihla seterekeng sa Goshene.
29. Josefa a pana kariki ya hae, a nyolohela Goshene ho ya teana le ntatae. Hang ha ba kopana, a mo kopa molaleng, a llela ho yena halelele.
30. Iseraele a re ho Josefa: “Jwale nka shwa, hobane ke bona sefahleho sa hao o sa phela.”
31. Josefa a re ho bana babo, le ho ba lelapa la ntatae: “Ke tla nyoloha, ke yo tsebisa Faro, ke re ho yena: <Ntate le bana beso, le ba lelapa la hae, ba tswang naheng ya Kanana, ba tlile ho nna.