1. Yaba Iseraele o a falla, o nka tsohle tseo a nang le tsona, mme ha a fihla Beeresheba, a etsetsa Modimo wa ntatae Isaka mahlabelo.
2. Modimo a bua le Iseraele ka pono, bosiu, a re: “Jakobo! Jakobo!”Yena a re: “Ke nna enwa!”
3. Modimo a re: “Ke nna Modimo, Modimo wa ntatao. O se ke wa tshaba ho theohela Egepeta, hobane ke moo ke tla o etsa setjhaba se seholo.
4. Nna ke tla theoha le wena ho ya Egepeta; ke o tiisetsa hore ke tla boela ke o kgutlisa, mme Josefa o tla kwala mahlo a hao mohla o shwang.”
5. Jwale Jakobo a tloha Beeresheba, mme bara ba Iseraele ba palamisa Jakobo ntata bona, le bana ba bona, le basadi ba bona makoloing ao Faro a neng a a rometse ho mo lata.
6. Ba kganna mehlape ya bona, ba nka le thepa eo ba e sebeditseng ha ba le naheng ya Kanana, ba ya fihla Egepeta, e le Jakobo le bohle ba leloko la hae: