14. Yaba o kopa moena hae Benjamine ka molala, o a lla; le meokgo ya Benjamine ya tsholohela molaleng wa ngwanabo.
15. A aka bana babo kaofela, a lla. Kamora tseo bana babo ba qoqa le yena.
16. Ha ho bolelwa tlung ya Faro, ho thwe: “Bana babo Josefa ba fihlile.” Faro a thaba, le bahlanka ba hae ba thaba.
17. Yaba Faro o re ho Josefa: “Ere ho bana beno: <Etsang tjena: bofang dipelesa tsa lona, le kgutlele naheng ya Kanana.
18. Le late ntata lona le ba malapa a lona, le tle ho nna, mme ke tla le nea moo naha ya Egepeta e nonneng teng, le je mafureng a naha.>
19. “Ba laele hape, o re: <Etsang tjena: Nkang makoloi mona Egepeta, le yo lata bana ba lona le basadi ba lona; le nke le ntata lona, le tle kwano.
20. Se lleleng thepa ya lona e salang, hobane tse molemo tsa naha yohle ya Egepeta ke tsa lona.> ”
21. Bara ba Iseraele ba etsa jwalo. Josefa a ba nea makoloi ho ya ka taelo ya Faro, a ba nea le mofao.
22. Bohle a ba nea diaparo tse ntjha, empa Benjamine yena a mo nea silefera e ka etsang boima ba dikilo tse tharo le halofo, le mefuta e mehlano ya diaparo tse ntjha.