34. Le ntlisetse moena lona wa ho fela, ke tle ke tsebe hore ha le dihlwela, le batho ba nnete. Ke tla le lokollela ngwanabo lona, le itsamaele naheng ena ka bolokolohi.> ”
35. Ha ba tsholla mekotla ya bona, bonang, e mong le e mong a fumana sephuthelwana sa tjhelete ya hae ka mokotleng wa hae; taba ena ya ba tshosa mmoho le ntata bona.
36. Ntata bona Jakobo a re ho bona: “Le nkamohile bana; Josefa o shwele, Simeone ha a yo, jwale le tlilo nkamoha Benjamine. Tsena tsohle di a ntuba.”
37. Yaba Rubene o re ho ntatae: “O tle o bolaye bara ba ka ba babedi ha ke sa mo kgutlisetse ho wena. Nnee yena matsohong, mme ke tla mo kgutlisetsa ho wena.”
38. Jakobo a re: “Mora wa ka a ke ke a theoha le lona; moholwane wa hae o shwele, mme ke yena feela ya setseng. Haeba a ka hlahelwa ke kotsi leetong lena la lona, le tla theolela moriri wa ka o moputswa Nqalong ya Bafu ka maswabi.”