Tshimoloho 38:24-29 BIBELE (SSO89SO)

24. Kamora kgwedi tse tharo Juda a bolellwa, ha thwe: “Tamare, ngwetsi ya hao, o ile a iketsa seotswa, mme ho feta mona ke moimana ka baka la bootswa boo ba hae.”Juda a re: “Mo tliseng, mme a tjheswe!”

25. Yare ha Tamare a tliswa, a romela molaetsa ho matsala hae, a re: “Ke emarisitswe ke mong a dintho tsena.” A re: “Ke a o botsa hle, dintho tsee ke tsa mang: Setempe sa bopaki, le leqhwele la sona, le molamu?”

26. Juda a di tseba, mme a re: “O lokile ho mpheta, hobane ha ke a ka ka mo nea mora wa ka Shela.” A se ke a hlola a robala le yena hape.

27. Ha nako ya hae ya ho kena tlung e fihla, ho ne ho ena le mafahla ka popelong ya hae.

28. Yare ha a itshihlolla, ngwana e mong a ntsha letsoho, mme mmelehisi wa hae a nka kgwele a kgubedu, a mo tlama letsoho ka yona, a re: “Enwa o hlahile pele.”

29. Empa yare ha a honyetsa letsoho la hae, yaba ngwanabo o a hlaha, mme mmelehisi a re: “Jwale wena o monyohile jwang?” A mo rea lebitso la Perese.

Tshimoloho 38