Tshimoloho 38:15-23 BIBELE (SSO89SO)

15. Ha Juda a mmona, a hopola hore ke seotswa, hobane o ne a ikgurumeditse sefahleho.

16. A fapohela ho yena kathoko ho tsela, mme a re: “Tloo, re robale le wena.” O ne a sa tsebe hore ke ngwetsi ya hae.Tamare a re: “O tla nneang, e le hore o tle o kene dikobong tsa ka?”

17. A re: “Ke tla o romella potsanyane e tswang mohlapeng wa ka.”Yaba Tamare o re: “Na o tla bea dintho paneng ho fihlela o e romela?”

18. Juda a re: “Ke tla bea eng paneng?”Tamare a re: “Setempe sa hao sa bopaki, le leqhwele la sona, le molamu o letsohong la hao.” A mo nea tsona, mme Juda a kena dikobong tsa hae, a mo emarisa.

19. Jwale Tamare a ema, a itsamaela, a tlosa lesira la hae, mme a boela a apara diaparo tsa hae tsa bohlolohadi.

20. Ha Juda a romella potsanyane ka motswalle wa hae Adulame, hore mosadi a kgutlise seo a neng a se beile paneng, a se ke a hlola a fumana mosadi eo.

21. A botsa banna ba sebaka seo, a re: “Seotswa sela se neng se le Enaime, pela tsela, se kae?”Ba araba, ba re: “Ha ho seotswa se kileng sa eba mona.”

22. Yaba o kgutlela ho Juda, o re: “Ha ke a se fumana!”

23. Juda a re: “Seotswa seo se ka ipolokela dintho tseo e le tsa sona, esere ra tshehwa. O a bona, ke rometse potsanyane ena, empa ha o a ka wa fumana seotswa seo.”

Tshimoloho 38