18. Bana ke bara ba Oholebama, mosadi wa Esau: Bo-kgosana Jeushe, le Jalame, le Kora. Anna ke mahosana a tswetsweng ke Oholebama, moradi wa Ana, mosadi wa Esau.
19. Bana ke bara ba Esau, eo e leng Edomo, mme ana ke mahosana a bona.
20. Bana ke bara be Seire wa Mahore, bao e leng baahi ba naha: Lotane, le Shobale, le Sibone, le Ana;
21. le Dishone, le Esere, le Dishane; ana ke mahosana a Bahore, bara ba Seire wa naha ya Edomo.
22. Bara ba Lotane e ne e le Hori le Hemame, mme kgaitsedi ya Lotane e ne e le Timina.
23. Bana ke bara ba Shobale: Alefane, le Manahate, le Ebale, le Shefi, le Oname.
24. Bana ke bara ba Sibone: Aya le Ana. Enwa ke Ana yane wa ho fumana sediba sa metsi a tjhesang, lehwatateng, ha a ntse a alositse ditonki tsa ntatae Sibone.
25. Bana ke bara ba Ana: Dishone le Oholebama, moradi wa Ana.
26. Bana ke bara ba Dishone: Hemedane, le Eshebane, le Jiterane, le Kerane.
27. Bana ke bara ba Esere: Bilehane, le Saafane, le Akane.
28. Bara ba Dishane ke Use le Arane.
29. Ana ke mahosana a Bahore: bokgosana Lotane, le Shobale, le Sibone, le Ana,
30. le Dishone, le Esere, le Dishane. Ana ke mahosana a Bahore, ho ya ka merabe ya wona, naheng ya Seire.
31. Tsena ke dikgosi tse busitseng naheng ya Edomo, ho eso be le kgosi e busang Baiseraele.
32. Bela, mora wa Beora, a na a busa Edomo, mme lebitso la motse wa hae e ne e le Dinehaba.
33. Bela a shwa, mme Jobaba, mora wa Sera wa Bosera, a busa bakeng sa hae.
34. Jobaba a shwa, me Hushame wa naheng ya Batemana, a busa bakeng sa hae.
35. Hushame a shwa, mme Hadade, mora wa Bedade, ya neng a hlole Bamidiane naheng ya Moabe, a busa bakeng sa hae. Lebitso la motse wa hae e ne e le Afite.
36. Hadade a shwa, mme Samela wa Masereka a busa bakeng sa hae.