Tshimoloho 35:11-21 BIBELE (SSO89SO)

11. Modimo a re ho yena: “Ke nna Modimo ya matla wohle: Ata, o ngatafale; ho wena ho tla tswa setjhaba, sehlopha sa ditjhabatjhaba, mme o tla tswala dikgosi.

12. Naha eo ke e neileng Aborahama le Isaka, ke tla o nea yona, wena le ditloholo tsa hao.”

13. Jwale Modimo a nyoloha, a mo siya sebakeng seo a neng a bue le yena a le ho sona.

14. Jakobo a hloma mokolokotwane wa lejwe moo Modimo a neng a bue le yena teng; a tshela seno sa nyehelo hodima wona, a ba a o tshela ka ole.

15. Sebaka sena seo Modimo a neng a bua le yena a le ho sona, Jakobo a se rea lebitso la Bethele.

16. Yaba ba tloha Bethele, mme yare ba se ba le haufinyana le ho fihla Eferata, Ragele a tshwarwa ke mahlaba a pelehi, mme a thatafallwa.

17. Ha a ntse a thatafaletswe ke pelehi, mmelehisi a re ho yena: “O se ke wa tshaba, hobane o tla tswala mora e mong hape.”

18. Empa yare ha a le lekgatheng la ho neela moya, hobane o ile a shwa, a rea mora eo lebitso la Bene-Oni, empa ntatae a mo rea lebitso la Benjamine.

19. Ragele a shwa, mme a epelwa tseleng e lebang Eferata, e leng Betlelehema.

20. Lebitleng la hae Jakobo a haha sefika; ke sefika sa lebitla la Ragele se ntseng se le teng le kajenoya-bokajeno.

21. Iseraele a tswela pele leetong la hae, a hloma tente ya hae ka nqane ho Tora ya Dinku.

Tshimoloho 35