Tshimoloho 34:1-7 BIBELE (SSO89SO)

1. Jwale Dina, moradi wa Lea, eo a mo tswaletseng Jakobo, a tjhakela barwetsana ba naha eo.

2. Ha Shekeme, mora wa Hamore wa Mohife, kgosana ya naha eo, a mmona, a mo tshwara, a mmeta, a mo hlompholla.

3. Pelo ya Shekeme ya kgomarela Dina, moradi wa Jakobo; a rata mosetsana eo, mme a bua le yena hamonate, a leka ho hapa pelo ya hae.

4. Yaba Shekeme o bua le ntatae Hamore, o re: “Nkopele morwetsana enwa e tle e be mosadi wa ka.”

5. Jakobo a utlwa hore Shekeme o tlontlolotse moradi wa hae, Dina. Kaha bara ba hae ba ne ba le mehlapeng, naheng, Jakobo a kgutsa ho fihlela ba fihla.

6. Hamore, ntata Shekeme, a ya ho buisana le Jakobo.

7. Ha bara ba Jakobo ba kgutla naheng, ba utlwa taba ena. Banna bana ba tlalwa ke dipelo, ba halefa haholo, hobane Shekeme o ne a tlisitse manyala Iseraeleng, ka ho beta moradi wa Jakobo, e leng ntho e sa tshwaneleng ho etswa.

Tshimoloho 34