Tshimoloho 23:9-17 BIBELE (SSO89SO)

9. hore a nnee lehaha la Makapela, leo e leng la hae, le sebakeng seo tshimo ya hae e fellang ho sona. A ke a nnee lona moo lona le leng teng, ka theko e lokelang, e be setsha sa ka sa mabitla.”

10. Eferone o ne a dutse hara Bahete, mme Eferone wa Mohete a araba Aborahama moo Bahete bohle ba neng ba le kgotla, kgorong ya motse, ba ntseng ba utlwa, a re:

11. “Tjhe, monghadi, ako mmamele. Ke o nea tshimo eo, ke o nea le lehaha le ho yona; ke a nea lona mo setjhaba sa heso se leng teng. Epela bafu ba hao.”

12. Aborahama a isa hlompho ho beng ba naha,

13. mme a bua ho Eferone, moo beng ba naha ba ntseng ba utlwa, a re: “Haeba o rata ha ke e reka, ako mmamele hle. Ke tla reka tshimo eo ka tjhelete; e amohele, mme ke tla epela bafu ba ka ho yona.”

14. Eferone a araba Aborahama, a re:

15. “Monghadi, ako mmamele. Tshimo eo theko ya yona e leng silefera e etsang boima ba dikilo tse nne le halofo, hoo ke eng ho rona le wena? Epela bafu ba hao.”

16. Aborahama a dumellana le Eferone, mme a mo lekanyetsa silefera eo a ileng a e bolela moo Bahete ba ntseng ba utlwa, e leng silefera e etsang boima ba dikilo tse nne le halofo, ho ya ka boima bo neng bo sebediswa ke bahwebi.

17. Tshimo ya Eferone e Makapela e pela Mamore, ke hore tshimo le lehaha le neng le le ho yona, le difate tsohle tse neng di le tshimong ka bonamo ba yona, tsena tsa neelwa

Tshimoloho 23