Tshimoloho 23:1-7 BIBELE (SSO89SO)

1. Sara o ile a phela dilemo tse lekgolo le mashome a mabedi a metso e supileng; tsena ke dilemo tsa bophelo ba Sara.

2. Sara a shwela Kiriate-Areba e leng Heborone, naheng ya Kanana. Aborahama a ya mo aparela bofifi, a mo llela.

3. Aborahama a siya mofu wa hae, a ya bua le Bahete, a re:

4. “Ke molata le mojaki hara lona; mpheng setsha sa mabitla, ke tle ke yo epela mofu wa ka ho sona.”

5. Bahete ba araba Aborahama, ba re:

6. “Ako re mamele, monghadi. O kgosana e matla hara rona; epela mofu wa hao lebitleng le letleletle hara mabitla a rona. Ha ho le ya mong wa rona ya tla o hanela ka lebitla, ho epela mofu wa hao.”

7. Aborahama a ema, a isa hlompho ho Bahete, beng ba naha.

Tshimoloho 23