Tshimoloho 18:11-20 BIBELE (SSO89SO)

11. Aborahama le Sara ba ne ba se ba hodile, ditshiu di ile, mme Sara o ne a se a sa kgelohe.

12. Sara a tshehela ka pelong, a re: “Ha ke se ke tsofetse tjee, le monna wa ka a tsofetse, na nka ba le thabo e jwalo?”

13. Morena a re ho Aborahama: “Sara o tshehelang, ha a re: <Nna ruri nka tswala ngwana, ke se ke tsofetse tjee?>

14. Na ho na le se ka sitang Morena? Isao, ka yona nako ena, ke tla boela ke o etela, mme Sara o tla be a se a ena le mora.”

15. Empa Sara a latola, a re: “Ha ke a ka ka tsheha;” a rialo hobane o ne a tshaba.Morena a re: “Tjhe, o ile wa tsheha.”

16. Jwale banna bao ba ema, ba tloha moo, ba leba nqa Sodoma. Aborahama a ba felehetsa, ho ba fihlisa tseleng.

17. Morena a re: “Na ebe nka patela Aborahama seo ke leng lekgatheng la ho se etsa,

18. ha e le moo Aborahama e tla ba setjhaba se seholo, se matla, mme le ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla hlohonolofatswa ka yena?

19. Nke ke! Hobane ke mo kgethile hore a tle a laele bana ba hae le lelapa la hae ho tsamaya ka tsela ya Morena ka ho etsa tse lokileng, le ho sebetsa ka toka; e le hore Morena a tle a phethe tseo a di tshepisitseng Aborahama.”

20. Yaba Morena o re: “Sello se qosang Sodoma le Gomora se seholo, mme le sona sebe sa metse eo se seholo haholo!

Tshimoloho 18