Tshimoloho 13:1-7 BIBELE (SSO89SO)

1. Aborame a nyoloha Egepeta, yena le mosadi wa hae, mmoho le Lota, le tsohle tseo a neng a ena le tsona, ba ya naheng e ka borwa.

2. Aborame o ne a ruile mehlape e mengata, le silefera, le kgauta.

3. A nna a tswela pele maetong a hae ho tloha borwa ho ya Bethele, le ho ya fihla sebakeng seo a neng a hlomile ditente tsa hae mehleng ya pele, pakeng tsa Bethele le Ai,

4. e leng sebakeng seo a neng a hahe aletare ya hae ya pele ho sona; ke moo Aborame a neng a rapele Morena teng.

5. Lota, ya neng a tsamaya le Aborame, o ne a ena le mehlape ya dinku le ya dikgomo, le ditente,

6. e leng hore naha eo e ne e ke ke ya ba lekana haeba ba ne ba ka aha mmoho; maruo a bona a ne a le mangata hoo ba neng ba ke ke ba aha mmoho.

7. Diqabang tsa hlaha pakeng tsa badisana ba Aborame le ba Lota. Nakong eo Bakanana le Baperise ba ne ba ahile naheng eo.

Tshimoloho 13