11. Ha a se a le haufi le ho kena Egepeta, a re ho mosadi wa hae Sarai: “Bona mona; ke a tseba hore o mosadi e motle haholo;
12. etlare ha Baegepeta ba o bona, ba re: <Ke mosadi wa hae enwa,> ebe ba a mpolaya, empa wena ba tla o tlohela o nne o phele.
13. Jwale o tle o re o kgaitsedi ya ka, ke tle ke amohelehe, mme ke pholohe ka baka la hao.”
14. Ha Aborame a fihla Egepeta, Baegepeta ba bona hore mosadi eo o motle haholo.
15. Mahosana a Faro a mmona, mme a mo babatsa ho Faro; yaba mosadi eo o iswa tlung ya Faro.
16. Ka baka la mosadi eo, Aborame a baballeha. A newa mehlape ya dinku le ya dikgomo, makgoba a banna le a basadi, ditonki tse tona le tse tshehadi, le dikamele.
17. Empa Morena a otla Faro, le ba lelapa la hae, ka dikotlo tse kgolo, ka baka la Sarai, mosadi wa Aborame.
18. Yaba Faro o bitsa Aborame, o re ho yena: “Ke eng ye, eo o e entseng ho nna? Ke ka baka lang o sa kang wa mpolella hore ke mosadi wa hao?
19. Ke ka baka lang o ileng wa re: <Ke kgaitsedi ya ka,> mme yaba ke mo nka hore e be mosadi wa ka? Ka baka leo, mosadi wa hao ke eo he! Mo nke, o tsamaye!”
20. Yaba Faro o laela banna hore ba mo felehetse le mosadi wa hae, le tsohle tseo a neng a ena le tsona.