Tshenolo 9:3-7 BIBELE (SSO89SO)

3. Ditsie tsa letheha mosing oo, mme tsa newa matla a tshwanang le a diphepheng.

4. Feela tsa laelwa hore di se ke tsa senya jwang, kapa ditlama dife kapa dife, kapa difate dife kapa dife; di mpe di senyetse batho feela ba sa tshwauwang ka letshwao la Modimo diphatleng tsa bona.

5. Tsa newa matla, e seng a ho ba bolaya, empa a ho ba hlokofatsa ka dikgwedi tse hlano. Ho hlokofatsa ha tsona ho tshwana le mahloko a phepheng ha e loma motho.

6. Matsatsing ao batho ba tla ipatlela lefu, empa ba ke ke ba le fumana; ba tla lakatsa ho shwa, empa lefu le tla ba baleha.

7. Ditsie tsena di ne di tadimeha jwaloka dipere tse lokiseditsweng ntwa, dihloohong e ne e ka di rwetse mefapahlooho ya kgauta, difahleho tsa tsona di le jwaloka tsa batho.

Tshenolo 9