Tshenolo 9:1-6 BIBELE (SSO89SO)

1. Jwale lengeloi la bohlano la letsa terompeta, mme ka bona naledi e nngwe e weleng lehodimong, e wetse lefatsheng. Naledi eo ya newa senotlolo sa mohohlo o se nang pheletso.

2. Yaba e bula mohohlo o se nang pheletso, mme ka ho wona ha foqoha mosi o kang wa sebopi se seholo. Letsatsi le sebaka se hodimo tsa fifatswa ke mosi o tswang ka mohohlong.

3. Ditsie tsa letheha mosing oo, mme tsa newa matla a tshwanang le a diphepheng.

4. Feela tsa laelwa hore di se ke tsa senya jwang, kapa ditlama dife kapa dife, kapa difate dife kapa dife; di mpe di senyetse batho feela ba sa tshwauwang ka letshwao la Modimo diphatleng tsa bona.

5. Tsa newa matla, e seng a ho ba bolaya, empa a ho ba hlokofatsa ka dikgwedi tse hlano. Ho hlokofatsa ha tsona ho tshwana le mahloko a phepheng ha e loma motho.

6. Matsatsing ao batho ba tla ipatlela lefu, empa ba ke ke ba le fumana; ba tla lakatsa ho shwa, empa lefu le tla ba baleha.

Tshenolo 9