3. Yare ha Konyana e kgomarolla sebitielo sa bobedi, ka utlwa sebopuwa sa bobedi se phelang, se re: “Tloo!”
4. Yaba ho tswa pere e nngwe hape, e kgunong. Ya e palameng a newa matla a ho fedisa kgotso lefatsheng, e le hore batho ba tle ba bolayane. A ba a newa sabole e kgolohadi.
5. Yare ha Konyana e kgomarolla sebitielo sa boraro, ka utlwa sebopuwa sa boraro se phelang, se re: “Tloo!” Ka tadima, mme ka bona pere e ntsho, ya e palameng a nkile sekala ka letsohong la hae.
6. Ka utlwa ho kang lentswe le tswang hara dibopuwa tse nne tse phelang, le re: “Seroto sa koro se rekwa ka denare; diroto tse tharo tsa harese di rekwa ka denare, empa le se ke la senya ole le veine.”
7. Yare ha Konyana e kgomarolla sebitielo sa bone, ka utlwa lentswe la sebopuwa sa bone se phelang, le re: “Tloo!”
8. Ka tadima, mme ka bona pere e tshehla ba ditau, lebitso la ya e palameng e le Lefu, mme a setswe morao ke Nqalo ya Bafu. Yaba ba newa matla hodima karolo ya bone ya lefatshe, hore ba bolaye ka sabole, ka tlala, ka lefu, le ka dibatana tsa naha.