3. mme la howa ka lentswe le leholo, jwaloka tau ha e puruma. Hoba le howe, ha thwathwaretsa matolo a supileng.
4. Ha matolo ao a supileng a se a thwathwareditse, yare ke re ke a ngola, ka utlwa lentswe le tswang lehodimong, le re: “Molaetsa wa matolo a supileng e be pinyane, o se ke wa o ngola.”
5. Lengeloi leo ke ileng ka le bona le hata hodima lewatle le hodima lefatshe, la phahamisetsa letsoho la lona le letona lehodimong,
6. la hlapanya ka ya phelang kamehla le mehla, ya hlotseng lehodimo le tsohle tse ho lona, le lefatshe le tsohle tse ho lona, le lewatle le tsohle tse ho lona, la re: “Tieho ha e sa tla ba teng.