Tshenolo 10:1-4 BIBELE (SSO89SO)

1. Yaba ke bona lengeloi le leng le matla, le theoha lehodimong, le aparetswe ke leru. Hloohong le ne le rwetse mookodi, sefahleho sa lona se le jwaloka letsatsi, mme maoto a lona a le jwaloka ditshiya tsa mollo.

2. Ka letsohong la lona le ne le tshwere bukana e phetlilweng. Lengeloi leo la hata hodima lewatle ka leoto la lehlakore le letona, le hodima lefatshe ka la le letshehadi,

3. mme la howa ka lentswe le leholo, jwaloka tau ha e puruma. Hoba le howe, ha thwathwaretsa matolo a supileng.

4. Ha matolo ao a supileng a se a thwathwareditse, yare ke re ke a ngola, ka utlwa lentswe le tswang lehodimong, le re: “Molaetsa wa matolo a supileng e be pinyane, o se ke wa o ngola.”

Tshenolo 10