9. Mohla tsatsi leo ke tla otla,ke otle ba sa hatengkosene ya monyako,ke otle ba tlatsangntlo ya mong bona,ba e tlatseka tse hapilweng ka dikgoka,ba e tlatseka tse hapilweng ka bolotsana.
10. “Mohla tsatsi leo,”ho rialo Morena,“mokgosi o tla utlwahalaMonyakong wa Ditlhapi,seboko se utlwahalese etswa motsemotjha,le modumo o moholoo utlwahale maralleng.
11. Bokollang, lona ba ahilengtlase ho motse,hoba bahwebi bohle ba lonaba tla fediswa,bohle ba ananyang ka sileferaba timetswe.
12. Ka nako eoJerusalema ke tla e lekola,ke e lekoleke e kgantshitse ka mabone;ke otle bohle ba dutseng ba iketlile,ba kang maritsa a veine a qitile,ba duletseng ho bua ka pelo, ba re:<Morena a ke ke be a etsa letho,a ke ke be a etsa botleleha e le bobe.>
13. Matlotlo a bona a tla lobelwa,matlo a bona a heletswe,e be masupi.Matlo a bona wona ba tla a haha,empa ha ba ka ke ba dula ho wona;morara le wona ba tla o hloma,empa veine ya wonaha ba ka ke ba e nwa.”
14. “Tsatsi le leholo la Morenale atametse, le tla le potlakile,Utlwang, tsatsi la Morena ke leo!Mohlabani o tla howa a se na tshepo.