1. Mehleng ya puso ya Josiya, mora wa Amona, kgosi ya Juda, lentswe la Morena la fihla ho Sofonea, mora wa Kushi, Kushi ya tswalwang ke Gedaleya, Gedaleya ya tswalwang ke Amariya, Amariya ya tswalwang ke Hesekiya.
2. “Tsohle tse lefatshengke tla di fedisa,”ho rialo Morena.
3. “Ke tla timetsa batho,ke timetse diphoofolo,ke timetse nonyanatse fofang sepakapakeng,ditlhapi tsa lewatlele tsona ke di timetse.Ke tla fedisa dikgopisommoho le ba kgopo,batho bohle lefatshengle bona ke ba timetse,”ho rialo Morena.
4. “Ke tla otlolla tsoho la ka,ke le otlollele hodima Juda,ke le otlollele le hodima Jerusalema.Masalla wohle a Baale ke tla a fedisa,ke a fedise sebakeng sena,le baprista ba bohata ke ba fedise;