5. Tlohela ho ntjheba, o shebe hosele,mahlo a hao a mpakela pherekano.Moriri wa haoo ka mohlape wa dipodiha di lepella Thabeng ya Gileade.
6. Meno a hao a ka mohlape wa dinkudi nyolohamoo di tswa hlatsuwa teng;thojana ka seng se tswetse mafahla,ha ho le se seng sa tsonase sa tswalang.
7. Marama a haoa kwahetsweng ke lesira,a tshwana le kgekge ya kgarenate,kgarenate e petsotswe.
8. Mafumahadia ka ba mashome a tshelela,basadi ba mafieloya eba mashome a le robedi,barwetsanaya eba boiyane, ntlhokapalo;
9. empa leebana la ka,pabala ya ka, ke lona feela,ke moradi wa mmaeya tswetsweng a le inotshi,thatohatsi ya mosadiya ileng a mmeleha.Barwetsana ha ba mmonaba re o hlohonolo,mafumahadi le basadi ba mafieloba a mo rorisa.
10. Ke mang eo ya hlahang eka mafube,ya leredi jwaloka kgwedi,ya kganyang seka letsatsi,ya bohehang sa mabothoa tshwere mekgele?