1. Ke tlile rapeng sa ka,wena kgaitsedi,monyaduwa wa ka,ke ikgeletse mmira,mmoho le dinoko tsa ka;ke jele mahe a dinotshi,mmoho le kgekge ya wona,ke nwele veine ya kale lona lebese la ka.Jang, le nwe, lona metswalle,le nwe haholo, lona baratuwa!
2. Leha ke ne ke robetse,pelo ya ka e ne hlobaela,ka utlwa moratuwaa kokota monyako, a re:“Mpulele kgaitsedi, moratuwa wa ka,leebana la ka, pabala ya ka;hlooho ya ka e metsike ho lalwa ke phoka,moriri wa ka o mongoboke leswe la bosiu.”
3. “Aparo sa ka ke se ke se hlobotse,na nka boela ka se apara?Maoto a ka le wonake se ke a hlatswitse,na nka boela ka a silafatsa?”
4. Ha moratuwa a tshwara lemati,a le tshwara ho bula,pelo ya ka e a thanyaha ke mo hopola.
5. Ka tsohaho bulela moratuwa monyako,mmira o rotha matsohong a ka,menwana le yona e rotha mmira,ha ke tshwara mohele wa lematike bula.
6. Moratuwa wa kaka mmulela monyako,athe moratuwa o sa fetile, a ile.Ha a bua ka kgathala matla,ka mmatla, ka se ke ka mo fumana,ka mmitsa, empa a se ka nkaraba