1. O motle hakaakang,wena moratuwa wa ka!O motle hakaakang!Mahlo a hao a kwahetswengke lesira a ka maeba,moriri wa haoo ka mohlape wa dipodiha di lepella Thabeng ya Gileade.
2. Meno a hao a ka mohlape wa dinkudi qeta ho kutwa,di nyolohamoo di tswa hlatsuwa teng;thojana ka seng se tswetse mafahla,ha ho le se seng sa tsonase sa tswalang.
3. Melomo ya haoe ka kgwele e kgubedu,ho bua ha haole hona ho a kgahleha;marama a hao,a kwahetsweng ke lesira,a tshwana le kgekge tsa kgarenate,kgarenate e petsotswe.
4. Molala wa haoo tshwana le tora ya Davida,e hahilwengka bokgabane bo boholo;ho yona ho leketla dithebedi le sekete,kaofela ha tsonae le dithebe tsa bahlabani.