Sefela Sa Difela 1:8-14 BIBELE (SSO89SO)

8. Haeba o sa tsebe,wena Seilatsatsi hara basadi.latela mohlala wa mohlape,potsanyane tsa hao o di fudise,o di fudise pela ditente tsa badisa.

9. Wena moratuwa,o ka pitse ya sethole,e hulang kariki ya Faro ya ntwa.

10. Marama a hao a a ratehaka masale a lepeletseng,molala wa haoo tshwanelwa ke faha tsa mabenyane.

11. Re tla o etsetsa masale a kgauta,re a kgabiseka naletsana tsa silefera.

12. Ha kgosi e ne e dutse dijong,menkwane ya ka ya nkga hamonate.

13. Ho nna moratuwao ka mokotlana o tshetseng mmira,o bang fubeng sa kaka nako tsohle.

14. Ho nna moratuwao tshwana le thunthung tsa mmasa,tse tswang masimong a morara,masimo a Ene-Gedi.

Sefela Sa Difela 1