3. Menkwane ya ditlolo tsa haoe nkga hamonate,bitso la hao le ka setloloha se qhatsitswe,hase feela barwetsana ba o dumang!
4. Nkuke ke ye le wena,re mathe mmoho,kgosi e nkise kamoreng ya yona.Re tla didietsa, re o nyakallele,re rorise rato la hao ho feta veine.Ba nepile hakaakangha ba o duma hakaale!
5. Leha ke le motshwana,nna ke botlenyana,lona baradi ba Jerusalema;ke motshwana sa tente tsa Kedare,ke ka masira a tente ya Solomone.
6. Se mmakallenghobane ke le motshwana;ke motshwana tjenahobane tsatsi le ntjhesitse.Kgaitsedi tsa kadi ne di ntlhoile,tsa ntaelaho ya tshosa masimong a morara,nako ya ho itlhokomelayaba ke a e hloka.
7. Ako mpolelle,wena moratuwa wa ka,moo kgulo la mohlape wa haole leng teng,moo o bothisang mohlapewa hao teng,ha le le hloohong tsa mengala,esere ka fumanwake ntse ke lelera,ke o batla hara mehlapeya thaka tsa hao.
8. Haeba o sa tsebe,wena Seilatsatsi hara basadi.latela mohlala wa mohlape,potsanyane tsa hao o di fudise,o di fudise pela ditente tsa badisa.
9. Wena moratuwa,o ka pitse ya sethole,e hulang kariki ya Faro ya ntwa.
10. Marama a hao a a ratehaka masale a lepeletseng,molala wa haoo tshwanelwa ke faha tsa mabenyane.
11. Re tla o etsetsa masale a kgauta,re a kgabiseka naletsana tsa silefera.
12. Ha kgosi e ne e dutse dijong,menkwane ya ka ya nkga hamonate.
13. Ho nna moratuwao ka mokotlana o tshetseng mmira,o bang fubeng sa kaka nako tsohle.