Sakariya 9:1-8 BIBELE (SSO89SO)

1. Ona ke molaetsa wa Morena:Molaetsa o fihlilenaheng ya Hadarake,mme o tla hlolamotseng wa Damaseka.Motsemoholo wa Arameke wa Morena,le merabe yohle ya Iseraeleke ya hae.

2. Hamate e sehelanang moedi,e o sehelane le Hadarakele yona e ntse e le ya Morena,le Tire le Sidone tse bohlale haholo.

3. Tire e ikgahetse qhobosheane,ya ipokellela silefera,silefera e le ngatasa hlabathe le bokeletswe,ya ipokellela le kgauta,kgauta e le ngatasa seretse diterateng.

4. Empa Morenao tla hapa maruo a yona,dikepe tsa yonaa di pshatlele lewatleng,ebe motse wona o o tjhesa ka mollo.

5. Ashekelone e tla bona,e tshohe haholo,Gasa yona e meneke ke bohloko,Ekerone le yona e fellwe ke tshepo.Kgosi ya Gasa e tla timetswa,Ashekelone yona e hloke baahi.

6. Ashedode e tla ba leaho,aho la dikgaupane,boikakaso ba Bafiletsita ke bo fedise.

7. Nama e madi, eo ba e jang,ke tla e fedisa,le nama tse ilehang tsa bonake di fedise.Ba setsenge tla ba ba Modimo wa rona,le bona ba tshwanele ba morabe wa Juda,ba Ekerone bonaba tshwane le Bajebusi.

8. Ke tla lalla pela ntlo ya ka,ke lalle pela yona ke e lebele,mabotho a e futuhelang ke a thibele.Tjhaba sa kaha se sa tla hlolwa ke motlatlapi,hobane jwale se lebetsweke nna ka sebele.

Sakariya 9