Sakariya 5:5-11 BIBELE (SSO89SO)

5. Yaba lengeloi le neng le bua le nna le a atamela, le re: “Tadima hodimo, o bone sena se tlang.”

6. Ka le botsa, ka re: “Ke eng?”La nkaraba, la re: “Ke morifi.” La boela la re: “O tshwantsha bokgopo ba batho ba naha yohle.”

7. Yaba ke bona sekwahelo sa loto, sa morifi oo, se kwahollwa, mme kahara morifi oo ho dutse mosadi.

8. Lengeloi la re: “Enwa o tshwantsha Bokgopo!”Yaba le mo katella kahara morifi, la ba la o kwahela ka sekwahelo sa loto.

9. Ha ke tadima hodimo ka bona basadi ba babedi ba etla ba fofa, mapheo a bona a kang a mokotatsle a kgile moya. Basadi bana ba phahamisetsa morifi ona hodimo.

10. Ka botsa lengeloi le neng le bua le nna, ka re: “Basadi baa ba isa morifi oo hokae?”

11. La nkaraba, la re: “Ba o isa naheng ya Babilona, moo ba ilo o hahela ntlo teng. Ha ntlo eo e se e hahilwe, ba tla bea morifi ono ditulong tsa wona.”

Sakariya 5