Sakariya 14:10-18 BIBELE (SSO89SO)

10. Naha yohle e tla ba lehwatata ho tloha Geba ho ya fihla Rimone, ka borwa ho Jerusalema. Empa Jerusalema e tla phahamiswa, e nne e be tulong tsa yona, e leng ho tloha Kgorong ya Benjamine ho ya fihla Kgorong ya Pele, le ho ya Kgorong ya Sekgutlo; le ho tloha Toreng ya Hananele ho ya fihla ditlhotlelong tsa veine tsa kgosi.

11. E tla ba le baahi, mme ha e sa tla hlola e timetswa. Jerusalema e tla sireletswa.

12. Lena ke lona lefu la sewa, leo ka lona Morena a tla otla ditjhaba tsohle tse lwantshitseng Jerusalema: Dinama tsa tsona di tla bola, tsona di ntse di phela, mahlo a tsona a sale e le mehoboko, le maleme a tsona a bolle mahalapeng a tsona.

13. Mohla tsatsi leo, Morena o tla etsa hore batho ba tshohe haholo. Motho o tla tshwara wa habo ka letsoho, mme ba tla lwantshana.

14. Juda le yona e tla lwantsha Jerusalema. Maruo a ditjhaba tsohle tse e potapotileng a tla bokellwa hammoho: Kgauta e ngata le silefera e ngata, le diaparo tse ngata haholo.

15. Lefu la sewa le tshwanang le lena le tla bolaya dipere, le dimmeile, le dikamele, le ditonki, le diphoofolo tsohle tse ka diahelong tseo.

16. Ke moo masalla a tswang ditjhabeng tsohle tse ileng tsa futuhela Jerusalema a tla nyolohela teng ka selemo le selemo, ho ya kgumamela Kgosi, Morena wa mabotho, le ho ya keteka Mokete wa Maphephe.

17. Haeba ditjhaba tse ding tsa lefatshe di ke ke tsa nyolohela Jerusalema ho ya kgumamela Kgosi, Morena wa mabotho, pula e ke ke ya na dinaheng tsa tsona.

18. Haeba setjhaba sa Egepeta se sa nyolohe ho ya kgumamela Kgosi, Morena wa mabotho, pula e ke ke ya na naheng ya sona; se tla welwa ke lefu la sewa, leo ka lona Morena a bolayang ditjhaba tse sa nyoloheleng Jerusalema, ho ya keteka Mokete wa Maphephe.

Sakariya 14