Sakariya 13:2-9 BIBELE (SSO89SO)

2. “Ka lona tsatsi leo, le tla fedisa mabitso a medimo ya bohata kahara naha, e le hore a tle a se ke a hlola a hopolwa,” ho rialo Morena wa mabotho. “Ke tla tlosa le baporofeta le moya o sa hlwekang naheng ena.

3. Haeba ho ena le e mong ya ka nnang a porofeta, bo-ntatae le mmae ba mo tswetseng ba tla bua ho yena, ba re: <O ke ke wa phela, hobane o bua leshano ka lebitso la Morena.> Bo-ntatae le mmae ba tla mmolaya a ntsa porofeta.

4. “Mohla tsatsi leo, moporofeta ka mong o tla hlabiswa dihlong ke pono tsa hae tsa boporofeta. Ha a ka ke a apara seaparo sa boporofeta se entsweng ka boya, e le hore a tle a thetse.

5. O tla re: <Nna ha ke moporofeta, ke molemi; haesale ke phela ka mobu ho tloha botjheng ba ka.>

6. Haeba e mong a ka mmotsa, a re: <Mehwabadi ee ke yang e mmeleng wa hao?> O tla araba, a re: <Ke ya ha ke ne ke shapuwa ke metswalle ya ka ka matlung a yona.>

7. “Tsoha, wena sabole,o lwantshe modisa wa ka,o lwantshe yena ya haufi le nna!”ho rialo Morena wa mabotho.“Otla modisa,dinku di tle di qhalane;nna ke tla otla le dikonyana.

8. Hara naha yohle,”ho rialo Morena,“ke tla otlakarolo tse pedi tsa mohlape,ke di otle, ke be ke di timetse,ya boraro yona e sale e phela.

9. Ena ya boraroe tla feta hara mollo,ke e hlwekisesa silefera ha e hlwekiswa,ke e hlahlobesa kgauta ha e hlahlojwa.Tjhaba sa ka se tla ipiletsa ho nna,jwale nna ke tla se araba, ke re:<Sena ke sona setjhaba sa ka,>mme sona se tla bolela, se re:<Morena ke yena Modimo wa rona.> ”

Sakariya 13