6. “Mohla tsatsi leo, ke tla fetola baholo ba Juda, ke ba etse pitsa e hlenneng hara tetema ya mollo, e ke serumola se tukang hara mangata a koro. Ba tla bolaya ditjhaba tsohle tse e potapotileng, empa Jerusalema yona e tla sala e ntse e ena le baahi moo e leng teng.
7. “Morena o tla pholosa ditente tsa Juda pele, e le hore tlotla ya ntlo ya Davida le tlotla ya baahi ba Jerusalema e tle e se ke ya feta ya Juda.
8. Mohla tsatsi leo, Morena o tla sireletsa baahi ba Jerusalema, e le hore ba fokolang haholo hara bona ba tle ba be jwaloka Davida, le ntlo ya Davida e be jwaloka Modimo, jwaloka lengeloi la Morena le ba etellang pele.
9. Mohla tsatsi leo, ke tla timetsa ditjhaba tsohle tse futuhelang Jerusalema.