Sakariya 11:4-12 BIBELE (SSO89SO)

4. Morena Modimo wa ka, o bua tjena: “Alosa mohlape o tla hlajwa.

5. Ba o rekang ba a o hlaba, ebe ba re ha ba na molato. Ba o rekisang, bona ba re: <Ho bokwe Morena, jwale re barui!> Badisa ba wona le bona ha ba o qenehele.

6. Nke ke ka hlola ke hauhela baahi ba lefatshe,” ho rialo Morena. “Ke tla neelana ka e mong le e mong ho ya ahisaneng le yena, le ho kgosi ya hae. Ha naha e hatakelwa, ha nka ke ka e namolela matsohong a bona.”

7. Kahoo ke ile ka alosa mohlape o tla hlajwa, haholoholo o neng o tlatlapuwa. Ka nka melamu e mmedi: O mong ka re ke Mohau, o mong ka re ke Kutlwano; yaba ke alosa mohlape jwalo.

8. Ka kgwedi e le nngwe ka bolaya badisa ba bararo, hobane ba ne ba ntenne, ba se ba ntlhoile.

9. Yaba ke bua ho mohlape, ke re: “Ha nka ke ka hlola ke le alosa. Tse tlamehang ho shwa di shwe; tse timetswang di timetswe; tse salang tsona di jane.”

10. Yaba ke nka molamu wa ka o bitswang Mohau, ke o roba dikoto tse pedi; ka mokgwa o jwalo ka fedisa selekane seo Morena a neng a se entse le ditjhaba tsohle.

11. Sa fediswa hona mohla tsatsi leo, mme bahwebi ba neng ba ntadimile ba utlwisisa hore tsena tsohle ke tse builweng ke Morena.

12. Yaba ke re ho bona: “Haeba le bona ho lokile, ntefeng moputso wa ka; ho seng jwalo le itjelle wona.” Yaba ba ntefa moputso wa ditjhelete tsa silefera tse mashome a mararo.

Sakariya 11