11. Sa fediswa hona mohla tsatsi leo, mme bahwebi ba neng ba ntadimile ba utlwisisa hore tsena tsohle ke tse builweng ke Morena.
12. Yaba ke re ho bona: “Haeba le bona ho lokile, ntefeng moputso wa ka; ho seng jwalo le itjelle wona.” Yaba ba ntefa moputso wa ditjhelete tsa silefera tse mashome a mararo.
13. Morena a bua ho nna, a re: “Di akgelle sebopi sa dipitsa!” Ka nka ditjhelete tseo tsa silefera tse mashome a mararo, e leng moputso o moholo, oo ba neng ba re o a ntokela, ka di akgella sebopi sa dipitsa ka Tempeleng ya Morena.
14. Jwale ka roba molamu wa ka wa bobedi, o bitswang Kutlwano; ka mokgwa o jwalo ka fedisa selekane se pakeng tsa Juda le Iseraele.
15. Yaba Morena o re ho nna: “O boele o nke melangwana ya modisa ya sethoto.
16. Ke tla boela ke bea modisa e mong naheng ena. Yena ha a ka ke a tsotella tse lahlehileng, kapa a batla dikonyana, kapa a phekola tse robehileng, kapa a fepa tse phelang hantle. O tla itjella dinku tse nonneng, a ba kokone le dikgolana tsa tsona.
17. “Ho madimabemodisa wa ka ya sethoto,modisa ya siyang mohlape,a o siye swalabahla!Sabole e ke e mo hlathe letsoho,e ntshe kgoduihlong le letona la hae!Letsoho la hae le ke le omelle,ihlo la hae le letonale foufalle ruri!”