Sakariya 1:1-7 BIBELE (SSO89SO)

1. Ka kwedi ya borobedi ya selemo sa bobedi sa puso ya Dariuse, lentswe la Morena la fihla ho moporofeta Sakariya, mora wa Berekiya, setloholo sa Ido, la re:

2. “Morena o ne a halefele baholoholo ba lona haholo.

3. Ka baka leo, bolella setjhaba sena, o re: Morena wa mabotho o bua tjena: <Kgutlelang ho nna,> ho rialo Morena wa mabotho, <le nna ke tla kgutlela ho lona,> ho rialo Morena wa mabotho.

4. <Le se ke la etsisa baholoholo ba lona, bao baporofeta ba mehleng ya pele ba neng ba ba bolelle, ba re: Morena wa mabotho o bua tjena: Tlohelang metsamao ya lona e kgopo le diketso tsa lona tse kgopo hle, empa ha ba a ka ba mmamela, leha e le hona ho nkutlwa,> ho rialo Morena.

5. Jwale baholoholo ba lona ba hokae? Na baporofeta bona ba phela kamehla yohle?

6. Ka bahlanka ba hae, e leng baporofeta, Modimo o ile a nea baholoholo ba lona melao le ditaelo, empa ba se ke ba mamela, yaba Modimo o a ba otla.“Jwale ba baka, ba re: <Morena wa mabotho o ne a rerile ho re otla ka baka la metsamao ya rona le diketso tsa rona, mme o fela a phethile jwalo.> ”

7. Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e mene la kgwedi ya leshome le motso o mong, e leng kwedi ya Hlakola, ka selemo sa bobedi sa puso ya Dariuse, Morena a boela a bua le moporofeta Sakariya, mora wa Berekiya, setloholo sa Ido. Jwale Sakariya a bua, a re:

Sakariya 1