Ruthe 4:5-11 BIBELE (SSO89SO)

5. Empa Boase a tswela pele, a re: “Mohla o rekang naha ena ho Naomi, o tla e rekella le Ruthe wa Moabe, e leng mosadi wa mofu, e le hore o tsose lebitso la mofu naheng eo a e jeleng lefa.”

6. Yaba eo mong ka yena o re: “Haeba ho tjena, nke ke ka e lopolla, esere ka senya lefa leo e leng la ka. Kaha nke ke ka e lopolla, wena itopollele yona.”

7. Mehleng ya pele e ne e le moetlo wa Baiseraele, hore ditabeng tsa ho lopolla kapa tsa ho ananya, motho a role moqathatso wa hae, a o nee eo ba rekisetsanang le yena. Ona e ne e le wona mokgwa wa ho etsa bopaki ho Baiseraele.

8. Ka baka leo, eo mong ka yena a re ho Boase: “Wena, ithekele yona.” Yaba o rola moqathatso wa hae.

9. Boase a re ho baholo le ho setjhaba sohle: “Kajeno le dipaki tsa hore ke rekile ho Naomi tsohle tseo e neng e le tsa Elimeleke, le tsa Kilejone, le tsa Mahelone.

10. Le bile le dipaki hore ke reka le Ruthe wa Moabe, mohlolohadi wa Mahelone, hore e be mosadi wa ka, ke tle ke tsose lebitso la mofu naheng eo a e jeleng lefa, e le hore lebitso la mofu le se ke la fela hara bana babo, le motseng wa habo.”

11. Batho bohle ba neng ba le kgorong ya motse, ba re: “Re dipaki!”Baholo ba re: “Morena a ke a etse hore mosadi enwa ya tla kena ka tlung ya hao, a ke a be jwaloka Ragele le Lea, ba neng ba tswalle Iseraele bana. O ke o atlehe Eferata, mme o tume Betlelehema.

Ruthe 4