Ruthe 2:1-6 BIBELE (SSO89SO)

1. Naomi o ne a ena le e mong wa habo monna wa hae. E ne e le monna ya ruileng, wa lelapa labo Elimeleke. Lebitso la hae e ne e le Boase.

2. Ruthe wa ba Moabe a re ho Naomi: “Ntumelle ke ye masimong, ke yo kgwahlapisa koro tshimong ya ya ka nkgauhelang.”Naomi a re ho yena: “Eya, ngwanaka.”

3. Ruthe a ya, a fihla a kgwahlapisa tshimong, a setse bakotudi morao. Ka lehlohonolo a kena tshimong eo e leng ya Boase, eo e neng e le wa morabe wabo Elimeleke.

4. Boase a fihla moo, a etswa Betlelehema, a re ho bakotudi: “Morena a be le lona!”Bona ba re ho yena: “Morena a o hlohonolofatse.”

5. Jwale Boase a botsa mohlanka wa hae, ya okametseng bakotudi, a re: “Ke moradi wa mang eo?”

6. Mohlanka a mo araba, a re: “Ke ngwanana wa ba Moabe, ya tlileng le Naomi ha a ne a kgutla naheng ya Moabe.

Ruthe 2