3. Yaba Elimeleke, mohatsa Naomi, o a shwa, mme mosadi a sala le bara ba hae ba babedi.
4. Bara bao ba nyala barwetsana ba morabe wa Moabe; lebitso la e mong e ne e le Orepa, la emong e le Ruthe, mme ba phela moo dilemo tse ka bang leshome.
5. Bo-Mahelone le Kilejone le bona ba eshwa, mme mma bona a sala a se a se na monna le bara ba hae ba babedi.
6. Naomi a utlwela hore Morena o ile a etela setjhaba sa hae, a se fa dijo, yaba yena, hammoho le dingwetsi tsa hae, o itokisetsa ho tloha naheng ya Moabe.
7. Ka baka leo, Naomi le dingwetsi tsa hae tse pedi ba tloha moo ba neng ba phela teng. Ha ba le tseleng e yang naheng ya Juda,
8. Naomi a re ho dingwetsi tsa hae: “Kgutlang, e mong le e mong a boele lapeng habo. Morena a ke a be molemo ho lona, jwalokaha le bile molemo ho nna le ho ba shweleng.