Ruthe 1:1-11 BIBELE (SSO89SO)

1. Mehleng ya ha ho ne ho busa baahlodi, naha ya Iseraele ya eba le tlala. Monna e mong wa Betlelehema e Juda, a ena le mosadi wa hae le bara ba hae ba babedi, a ya jaka naheng ya Moabe.

2. Lebitso la monna eo e ne e le Elimeleke, mosadi wa hae e le Naomi, bara ba hae e le Mahelone le Kilejone. E ne e le Baeferata ba tswang Betlelehema e Juda. Ba fihla naheng ya Moabe, ba aha teng.

3. Yaba Elimeleke, mohatsa Naomi, o a shwa, mme mosadi a sala le bara ba hae ba babedi.

4. Bara bao ba nyala barwetsana ba morabe wa Moabe; lebitso la e mong e ne e le Orepa, la emong e le Ruthe, mme ba phela moo dilemo tse ka bang leshome.

5. Bo-Mahelone le Kilejone le bona ba eshwa, mme mma bona a sala a se a se na monna le bara ba hae ba babedi.

6. Naomi a utlwela hore Morena o ile a etela setjhaba sa hae, a se fa dijo, yaba yena, hammoho le dingwetsi tsa hae, o itokisetsa ho tloha naheng ya Moabe.

7. Ka baka leo, Naomi le dingwetsi tsa hae tse pedi ba tloha moo ba neng ba phela teng. Ha ba le tseleng e yang naheng ya Juda,

8. Naomi a re ho dingwetsi tsa hae: “Kgutlang, e mong le e mong a boele lapeng habo. Morena a ke a be molemo ho lona, jwalokaha le bile molemo ho nna le ho ba shweleng.

9. Morena a ke a nee e mong le e mong wa lona monna le lelapa le tla ba le kgotso.” Yaba Naomi o a ba aka, empa bona ba lla haholo.

10. Ba re ho yena: “Ruri re tla kgutlela le wena setjhabeng sa heno.”

11. Naomi a re: “Kgutlang hle, bana ba ka! Ke hobaneng ha le rata ho tsamaya le nna? Na ke sa na le bara ba bang ka popelong ya ka, bao e ka bang banna ba lona?

Ruthe 1