26. Ke seterekeng sa Goshene feela, moo ho neng ho phela bana ba Iseraele, moo sefako se sa kang sa na teng.
27. Yaba Faro o romela batho ho bitsa Moshe le Arone, mme a re ho bona: “Ha e le kajeno ke sitilwe. Morena o lokile; nna le setjhaba sa ka ke rona ba kgopo.
28. Nthapelleng ho Morena. Letolo lena la Modimo le sefako, di feta tekanyo; ke tla le lokolla, mme le ke ke la hlola le dula mona.”
29. Moshe a re ho Faro: “Hanghang ha ke etswa motseng mona, ke tla phahamisetsa matsoho a ka ho Morena; letolo le tla kgaotsa, le sefako se ke ke sa hlola se eba teng, hore o tle o tsebe hore lefatshe ke la Morena.
30. Empa ke a tseba hore wena le bahlanka ba hao le ntse le eso tshabe Morena Modimo.”
31. Motsitla le harese tsa ruthuthwa, hobane harese e ne e se e tswetse, mme motsitla o se o thuntse,
32. empa koro le mabele tsona ha di a ka tsa ruthuthwa, hobane di jetswe morao.
33. Yaba Moshe o tloha ho Faro, o tswa motseng, o phahamisetsa matsoho a hae ho Morena, mme letolo le sefako tsa kgaotsa, le pula ya se ke ya hlola e potlelana.
34. Yare ha Faro a bona hore pula, le sefako, le letolo di kgaoditse, a boela a tswela pele ho etsa sebe. Yena le bahlanka ba hae ba nna ba thatafatsa dipelo tsa bona.
35. Pelo ya Faro ya nna ya thatafala, mme a se ke a lokolla bana ba Iseraele, jwalokaha Morena a ne a boletse ka molomo wa Moshe.