Phallo 8:20-31 BIBELE (SSO89SO)

20. Jwale Morena a re ho Moshe: “O tsohe ka madungwadungwana, o yo ema kapele ho Faro. Bona, o tla be a eya nokeng, mme wena o re ho yena: Morena o bua tjena, o re: <Lokolla setjhaba sa ka, se tle se yo ntshebeletsa.

21. Empa ha o sa lokolle setjhaba sa ka, ke tla romela diboba ho wena, le ho bahlanka ba hao, le ho setjhaba sa hao, le matlung a hao. Matlo a Baegepeta a tla tlala diboba, le wona mobu oo a hahilweng ho wona.

22. “ <Mohla letsatsi leo, ke tla sekeletsa setereka sa Goshene, moo setjhaba sa ka se ahileng teng, hore ho sona ho se be diboba; e le hore o tle o tsebe hore ke nna Morena naheng ena.

23. Ke tla etsa kgethollo pakeng tsa setjhaba sa ka le setjhaba sa hao. Sesupo sena se tla etsahala hosasane.> ”

24. Morena a etsa jwalo; ha fihla boiyane ba diboba ka tlung ya Faro, le ka tlung ya bahlanka ba hae, le naheng yohle ya Egepeta, mme naha ya senyeha ke diboba.

25. Yaba Faro o bitsa Moshe le Arone, o re ho bona: “Tsamayang, le yo etsetsa Modimo wa lona sehlabelo hona naheng ena!”

26. Moshe a re: “Ha ho dumellehe hore re etse jwalo, hobane re etsetsa Morena Modimo wa rona, mahlabelo a diphoofolo tseo ho di hlaba e leng sebe ho Baegepeta. Bona mona, ha re ka etsa sehlabelo se jwalo, e leng sebe ho Baegepeta, ra se etsa moo ba ntseng ba bona, na ha ba na ho re tlepetsa ka majwe?

27. Re tshwanetse ho nka leeto la matsatsi a mararo, re ye lehwatateng, re yo etsetsa Morena Modimo wa rona, sehlabelo, kamoo a ka re laelang kateng.”

28. Ke ha Faro a re: “Ke tla le lokolla, le tle le yo etsetsa Morena Modimo wa lona, sehlabelo lehwatateng. Feela le se ke la ya hole, mme le nna le be le nthapelle.”

29. Moshe a re: “Jwale ke se ke tla tloha ho wena, ho ya rapela Morena, mme hosasane diboba di tla tloha ho Faro, le ho bahlanka ba hae, le ho setjhaba sa hae; feela Faro a kgaotse ho nna a re thetsa, a hana ho lokolla setjhaba ho ya etsetsa Morena sehlabelo.”

30. Yaba Moshe o tloha ho Faro, o ya ho rapela Morena.

31. Morena a etsa kamoo Moshe a boletseng kateng, mme diboba tsa tloha ho Faro, le ho bahlanka ba hae, le ho setjhaba sa hae, ha se ke ha sala leha se le seng feela.

Phallo 8