21. Ho ne ho ena le palesa tlasa manono a mabedi a sona, le palesa e nngwe hape tlasa manono a mabedi a sona; le palesa e nngwe hapehape tlasa manono a mabedi a sona. Ha etswa jwalo makaleng a tsheletseng a tlohang lenonong la sedulwana.
22. Dipalesa tsa sona, le manono a sona, di ne di thulelletswe le sedulwana, e le ntho e le nngwe, e entsweng ka kgauta e hlwekileng, e thutsweng.
23. A etsa mabone a sona a supileng, le matlao a sona, le dithotobolo tsa sona, ka kgauta e hlwekileng.
24. Sedulwana sena, le tsohle tsa sona, a di etsa ka kgauta e hlwekileng, eo boima ba yona e leng dikilo tse mashome a mararo a metso e mehlano.
25. A etsa aletare ya mokubetso ka dithupa tsa sefate sa mositsane. Bolelele ba yona e ne e le disenthimethara tse mashome a mane a metso e mehlano, bophara ba yona e le disenthimethara tse mashome a mane a metso e mehlano, e ne e ena le mahlakore a mane a lekanang; bophahamo ba yona e le disenthimethara tse mashome a robong. Manaka a yona a ne a entswe ka thupa e le nngwe le aletare.
26. A e maneha kgauta e hlwekileng kahodimo, le ka mahlakoreng ho e potoloha, le manakeng a yona. A e etsetsa moqhaka wa kgauta o e potolohang.
27. A e etsetsa mefitshane e mmedi ya kgauta tlasa moqhaka wa yona, hodima dihuku tsa yona tse pedi, le hodima mahlakore a yona a mabedi. E tla ba moo ho kgweswang mefeng, hore aletare e tle e jarwe ka yona.
28. A etsa mefeng eo ka dithupa tsa sefate sa mositsane, mme a e maneha kgauta.