2. Yaba o e maneha kgauta e hlwekileng kantle le kahare, mme a e etsetsa moqhaka wa kgauta o e potolohang.
3. A e etsetsa mehele e mene ya kgauta maotong a yona a mane: mehele e mmedi ka lehlakoreng la pele, le e meng e mmedi ka lehlakoreng la bobedi.
4. Ka dithupa tsa sefate sa mositsane a etsa mefeng e jarang, mme a e maneha kgauta.
5. Yaba o kgwesa mefeng eo meheleng e mahlakoreng a areka, ho tle ho jarwe areka ka yona.