Phallo 37:19-24 BIBELE (SSO89SO)

19. Lekaleng le leng ho ne ho ena le dikgakeletso tse tharo, tse kang tsa sefate sa perekisi se nang le dipalesa le dithunthung. Lekaleng le leng hape ho ne ho ena le dikgakeletso tse tharo, tse kang tsa sefate sa perekisi, se nang le dipalesa le dithunthung. Ha etswa jwalo makaleng a tsheletseng a tlohang lenonong la sedulwana.

20. Sedulwaneng ho ne ho ena le dikgakeletso tse nne, tse kang tsa sefate sa perekisi, se nang le dipalesa le dithunthung.

21. Ho ne ho ena le palesa tlasa manono a mabedi a sona, le palesa e nngwe hape tlasa manono a mabedi a sona; le palesa e nngwe hapehape tlasa manono a mabedi a sona. Ha etswa jwalo makaleng a tsheletseng a tlohang lenonong la sedulwana.

22. Dipalesa tsa sona, le manono a sona, di ne di thulelletswe le sedulwana, e le ntho e le nngwe, e entsweng ka kgauta e hlwekileng, e thutsweng.

23. A etsa mabone a sona a supileng, le matlao a sona, le dithotobolo tsa sona, ka kgauta e hlwekileng.

24. Sedulwana sena, le tsohle tsa sona, a di etsa ka kgauta e hlwekileng, eo boima ba yona e leng dikilo tse mashome a mararo a metso e mehlano.

Phallo 37