Phallo 32:2-21 BIBELE (SSO89SO)

2. Yaba Arone o re ho sona: “Rodisang basadi ba lona, le bara ba lona, le baradi ba lona, masale a kgauta a ditsebeng tsa bona, le a tlise ho nna.”

3. Setjhaba sohle sa rola masale a kgauta, ao se neng se a rwetse ditsebeng, sa a tlisa ho Arone.

4. A nka masale ao matsohong a Baiseraele, a a qhibidihisa, a bopa namane ya kgauta ka wona. Yaba ba re: “Ona ke wona modimo wa hao, wena Iseraele, o o nyolotseng naheng ya Egepeta!”

5. Arone ha a bona ntho ena, a haha aletare kapele ho namane ya kgauta, a howeletsa, a re: “Hosasane ke mokete wa Morena!”

6. Ka la hosasane ba tsoha ka madungwadungwana, ba nyehela ka mahlabelo a setjheso, ba tlisa le mahlabelo a teboho; setjhaba sa dula fatshe, sa eja, sa enwa; yaba se a ema, se a bapala.

7. Morena a bua ho Moshe, a re: “Theoha kapele, hobane setjhaba sa heno, seo o se nyolotseng naheng ya Egepeta, se se se silafetse.

8. Se se se kgelohile kapele tseleng eo ke se laetseng yona. Se ipopetse namane ya kgauta, mme se e kgumametse, sa ba sa e etsetsa mahlabelo, sa re: <Ona ke wona modimo wa hao, wena Iseraele, o o nyolotseng naheng ya Egepeta!> ”

9. Morena a boela a re ho Moshe: “Setjhaba sena ke se bone; ke setjhaba se manganga.

10. Jwale ako ntlohele, kgalefo ya ka e ke e se tlokomele, ke tle ke se timetse. Ha e le wena ke tla o etsa setjhaba se seholo.”

11. Yaba Moshe o leka ho kokobetsa kgalefo ya Morena Modimo wa hae, o re: “Ke ka lebaka lang, Morena, kgalefo ya hao e tlokomelang setjhaba sa hao, seo o se ntshitseng naheng ya Egepeta, ka matla a maholo, le ka letsoho le matla?

12. O etsetsang hore Baegepeta ba tle ba re: <O ba ntshitse ka morero o mobe, hore a tle a yo ba bolaela dithabeng, le ho ba timetsa lefatsheng>? Kokobetsa kgalefo ya hao e tukang, o fetole morero wa hao wa ho timetsa setjhaba sa hao.

13. Hopola bahlanka ba hao, bo-Aborahama, le Isaka, le Iseraele, bao o neng o ba hlapanyetse ka lebitso la hao, wa re: <Ke tla ngatafatsa ditloholo tsa lona di be kaalo ka dinaledi tsa lehodimo; le naha ena yohle, eo ke buileng ka yona, ke tla e nea ditloholo tsa lona, mme e tla ba ya lona kamehla yohle.> ”

14. Yaba Morena o fetola morero wa hae wa ho timetsa setjhaba sa hae.

15. Jwale Moshe a reteleha, a theoha thabeng, matsohong a nkile matlapa a mabedi a ngotsweng Molao. E ne e le matlapa a ngotsweng ka mahlakoreng a mabedi; a ngotswe ka nqena le ka nqane.

16. Matlapa ana a ne a entswe ke Modimo; le mongolo e ne e le mongolo wa Modimo; o ngotswe matlapeng.

17. Ha Joshua a utlwa lerata la setjhaba ha se ntse se howeletsa, a re ho Moshe: “Ho na le lerata la ntwa diahelong!”

18. Empa Moshe a re:“Hase leratala ho thabela tlholo,hase leratala ho llela ho hlolwa;nna ke utlwa leratala batho ba binang.”

19. Ha a atamela diahelong, mme a bona namane le metjeko, kgalefo ya Moshe ya tlokoma. A ptjatlanya matlapa a matsohong a hae fatshe, a a pshatlela mosikong wa thaba.

20. A nka namane eo ba neng ba e entse, a e tjhesa mollong, a e sila ho fihlela e eba phofo, a e tshela metsing, yaba o nwesa bana ba Iseraele metsi ao.

21. Jwale Moshe a re ho Arone: “Setjhaba see se o senyeditse eng, ha o se tliseditse sebe se sekaalekaale?”

Phallo 32